Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 44:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Juda a re: Re tla reng ho morena ka? re tla bua dife, kapa re tle itlhatswa jwang? Modimo o fihletse bokgopo jwa bahlanka ba hao; bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le motho eo senwelo se fumanweng ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 44:16
25 Referencias Cruzadas  

Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.


A lora toro e nngwe hape, a e bolella banababo, a re: Bonang, ke boetse ke lorile toro: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama pela ka.


Yaba o re: Nke ke ka ba ka etsa taba eo! Motho eo senwelo se fumanweng ho yena, ke yena ya tlang ho ba lekgoba la ka, empa lona, ikeleng ka kgotso ho ntata lona.


Hobane ke le mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka ngwana, ka re: Ekare ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba le molato ho ntate kamehla.


Ho bahlanka ba hao eo se ka fumanwang ho yena, ha a shwe; esita le rona re tla ba makgoba a morena.


Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Oho, Modimo, re tla reng jwalo kamora taba tsena? Hobane re furaletse melao ya hao,


Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!


Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong.


Ya hlatswang motho ya melato, le ya tswang motho ya se nang molato, ba babedi ba manyala ho Jehova.


Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Mme jwale, lona ba ahileng Jerusalema, le lona banna ba Juda, a le keng le ahlole taba eo ke nang le yona le tshimo ya ka ya merara.


Kajeno, Morena, ho loka ke ha hao, maswabi a difahleho ke a rona, le a banna ba Juda, le a baahi ba Jerusalema, le a Iseraele kaofela, le a bohle ba leng haufi, le a ba leng hole dinaheng tsohle, moo o ba leleketseng teng, ka baka la ditshito tseo ba o sitetsweng ka tsona.


Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa, leha e le ntho e patilweng e sa tlo ka e tsejwa.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?


Etlere ha batho ba bang ba ena le tseko, mme ba etla nyeweng ho tla ahlolwa, ya lokileng a ke a bolelwe hoba o lokile, mme ya molato a tsuwe.


Bana ba Iseraele ba tlola molao wa ntho tse entsweng anathema. Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a nka tsa tse entsweng anathema; mme Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.


A atametsa monna ka mong wa ntlo ya hae, mme Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a tshwarwa.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos