11 Yaba ba phakisa ba bofollela mekotla ya bona fatshe, e mong le e mong a lokolla mokotla wa hae.
11 Ba potlaka, e mong le e mong a bofolla mokotla wa hae, a o qhaqholla.
E mong wa bona eitse ha a lokolla mokotla wa hae, a re o fepa esele ya hae moo ho robalwang teng, a bona tjhelete ya hae e dutse molomong wa mokotla wa hae.
A re: Ke teng, a ho etswe ka polelo tsa lona; motho eo se ka fumanwang ho yena, e tla ba lekgoba la ka, mme lona etlaba ha le molato.
Yaba o phenyokolla ho qala ka e moholo ho qetella ka e monyenyane; mme senwelo sa fumanwa mokotleng wa Benjamine.