Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 40:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yare kamora ditaba tsena, moqhatsetsi wa morena wa Egepeta le moapehedi wa hae ba sitelwa mong a bona, morena wa Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:1
10 Referencias Cruzadas  

Senwelo sa Faro se ne se le letsohong la ka; yaba ke nka ditholwana, ka di tlhotlella senwelong sa Faro, mme ka neela senwelo seatleng sa Faro.


ho sa tla feta matsatsi a mararo, Faro a ntoo emisa hlooho ya hao, a o busetsa kabelong ya hao, mme o tla neela Faro senwelo letsohong la hae ka mokgwa wa pele, ha o ne o sa le moqhatsetsi wa hae.


Yaba molaodi wa baapehedi ha a bona hoba phuthollo e monate, o re ho Josefa: Le nna torong ya ka ke bone ke rwetse diroto tse tharo tsa mahobe a masweu hloohong ya ka.


Faro a halefela ditona tseo tse pedi tsa hae, molaodi wa baqhatsetsi le molaodi wa baapehedi.


Jwale ba lora toro ba babedi, mong ka mong toro ya hae, ka bosiu bo le bong, mong ka mong ka hlalosetso ya toro ya hae, moqhatsetsi le maopehedi, wa morena wa Egepeta, ba neng ba holehilwe ka tlung ya teronko.


Yaba molaodi wa baqhatsetsi o bua le Faro, a re: Melato ya ka ke e eleditswe kajeno.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos