Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 39:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Le hoja mosadi a nnile a bua le Josefa ka matsatsi wohle, ha a a ka a mo mamela, leha e le ho robala le yena, kapa le ho ba le yena.

Ver Capítulo Copiar




Genese 39:10
21 Referencias Cruzadas  

Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung,


Empa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: Bona, mong a ka ha a mpotse letho la tsa ntlo ya hae, tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka;


ha ho e moholo ho nna ka tlung ena, mme ha a nkganele le letho haese le wena, kahobane o le mosadi wa hae; nka etsa jwang bobe bo boholo hakalo, ka sitelwa Modimo na?


Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona.


o tle o namolelwe mosading wa letekatsi, mosading wa letekatsi, mosading wa seotswa ya qekisang ka dipolelo tsa hae,


Molomo wa basadi ba diraburabu ke lemena le tebileng; ya manyala ho Jehova o tla wela teng.


Hobane seraburabu ke lemena le tebileng, mme mosadi wa seotswa ke mokoti o patisaneng.


O lalla monna jwaloka hoja ke phoofolo e tsongwang, mme o atisa dihlola hara banna.


Hobane molomo wa mosadi wa seotswa o rothisa dinotshi, lehano la hae le boreledi jwaloka mafura.


Tsela ya hao o e fetise hole le yena, o se ke wa atamela monyako wa ntlo ya hae;


Jwale, a mo tshwara, a mo aka; ka sefahleho se se nang dihlong a re ho yena:


di tle di o fapose mosadi wa sehlola le sefebe se nyekang ka leleme la sona.


Bo dula pela monyako wa ntlo ya bona monamong le diphahameng tsa motse,


Ya leebelo a fapohele kwano; mme ho sethoto bo re:


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


Tshabang bofebe; sebe se seng le se seng se ka etswang ke motho, se kantle ho mmele wa hae; empa ya febang o sitelwa mmele wa hae.


Tshabang tsohle tse tshwanang le bobe.


Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba dise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba.


O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos