Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 38:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Juda a bona teng moradi wa motho wa Kanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, a tla ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Teng Juda a bona moradi wa Mokanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, mme a kena dikobong tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 38:2
13 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.


Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.


Yaba Sikeme, mora Hamore, Moheve, morena wa naha, a mmona, a mo nka, a robala le yena, a mo senya.


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Peretse, le Sera. Empa Ere le Onane ba ne ba shwele naheng ya Kanana. Bara ba Peretse e ne e le Hetsrone, le Hamule.


bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.


Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.


Ka tsatsi le leng, mantsiboya, Davida a tsoha diphateng tsa hae, a ya itsamaela hodima ntlo ya borena. Ha a le hodima ntlo, a bona mosadi ya tolang, e le mosadi e motle haholo.


Bara ba Juda ke Ere, Onane, le Shela; bao ba bararo a tswallwa bona ke moradi wa Shua, Mokanana. Ere, letsibolo la Juda, ya eba motho e mobe pela Jehova; yaba Jehova o a mmolaya.


Bara ba Juda ke Ere le Onane; empa Ere le Onane ba eshwa fatsheng la Kanana.


Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?


A kgutla, a tsebisa ntatae le mmae, a re: Ke bone mosadi Thimna hara baradi ba Bafilesta; nnkeleng yena jwale, e be mosadi wa ka.


Yaba Samsone o ya Gasa, a bona mosadi wa seotswa teng, mme a kena ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos