Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 37:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ha bana babo ba bona hore ntata bona o mo rata ho feta bana babo kaofela, ba mo hloya, ba se ke ba mmuisa ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:4
19 Referencias Cruzadas  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.


Josefa a lora toro, a e bolella banababo; yaba ba eketsa ho mo hloya.


empa ha a ka a tadima Kaine leha e le kabelo ya hae. Kaine a halefa haholo, mme sefahleho sa hae sa sosobana.


Ba phosang ka diqha ba mo phepheditse, ba mo phositse, ba mo hlorisitse.


Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.


Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.


Hobane haele ba heno le ba ntlo ya ntatao, ba o eka, mme le bona ba o purumela. Ha be ena le dipolelo tse monate le wena, o se ke wa ba dumela.


le ntlo ha e kgaohane ho itwantsha, ntlo eo e ke ke ya tiya.


Hobane le rona kgale re ne re le dithoto, re le ba hanang ho utlwa, ba lahlehileng, ba buswang ke ditakatso le ke dikgahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tshwanetseng ho hlouwa, ba hloyanang.


Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.


Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.


E mong ha a re: Ke rata Modimo, mme a hloya ngwanabo, o leshano; hobane ya sa rateng ngwanabo eo a mmonang, a ka tseba jwang ho rata Modimo oo a sa o boneng?


Empa Eliabe, moholwane wa Davida, ha a utlwa taba tseo a di buang le banna bao, a halefela Davida, a re: O tletseng kwano? Mme dinkunyana tsela tse seng kae o di siile le mang nahathothe? ke tseba boikgohomoso ba hao le mabela a pelo ya hao, hobane o tlile ho boha ntwa feela!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos