Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 34:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jakobo o ne a utlwile hobane o sentse Dina, moradi wa hae; empa bara ba hae ba ne ba le naheng le mehlape; mme Jakobo a ikgutsetsa ho fihlela ha ba oroha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jakobo a utlwa hore Shekeme o tlontlolotse moradi wa hae, Dina. Kaha bara ba hae ba ne ba le mehlapeng, naheng, Jakobo a kgutsa ho fihlela ba fihla.

Ver Capítulo Copiar




Genese 34:5
13 Referencias Cruzadas  

Yaba ka lona tsatsi leo o kgetha dipodi tse tona kaofela tse tshasa le tse thobosha, le dipodi tse tshehadi kaofela tse tshasana le tse thoboshana, le tsohle tse nang le bosuwana, le tse kgunwana hara dinku, a di nea bara ba hae matsohong.


Jwale Sikeme a bua le Hamore, ntatae, a re: Nkopele morwetsana enwa, e tle e be mosadi wa ka.


Yaba Hamore, ntata Sikeme, o ya ho Jakobo, ho ya bua le yena.


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare.


Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


Empa mora wa hae e moholo o ne a le naheng; eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utlwa dipina le mehobelo.


Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Samuele a eketsa a re ho Jese: Na bao ke bara ba hao kaofela na? A re: Ho sa setse e monyenyane; o mpa a disitse dinku. Samuele a re ho Jese: Romela ho mo lata, hobane re ke ke ra dula dijong, a eso ho fihle.


Davida o ne a etela Saule, a boele a kgutle, ho ya disa dinku tsa ntatae Bethlehema.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos