Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Manqosa a boela ho Jakobo, a re: Re ile ra fihla ho moholwane wa hao, ho Esau, mme o bile o a tla ho o kgahlanyetsa a na le batho ba makgolo a mane le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:6
14 Referencias Cruzadas  

A nka le mehlape ya hae kaofela, le maruo a hae kaofela, mehlape e neng e le ya hae eo a e ruileng Paddan-Arame, a tloha ho ya ho Isaaka, ntatae, lefatsheng la Kanana.


Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.


Yaba Jakobo o tshoha haholo, a tsieleha, a arola batho bao a nang le bona, le manku le makgomo, le dikamele, a etsa dihlopha di le pedi.


A re: Ekare ha Esau a etla ho sehlopha se seng, a se qhala, sehlopha se salang se tla tlola.


Jakobo a lelatsa mahlo a hae, a tadima, mme a bona Esau a etla a na le batho ba makgolo a mane. Yaba bana o ba arolela Lea, le Ragele, le makgabunyane a mabedi.


Esau a re: A nke ke o siele batho ba bang bao ke nang le bona. Yaba o re: Ke haele ka baka lang? A ke mpe ke fumane mohau mahlong a morenaka!


A re: O hopotseng ka mehlape eo yohle eo ke kgahlaneng le yona? A re: Ke hore ke fumane mohau mahlong a hao, morenaka.


Sikeme a re ho ntata morwetsana le ho bokgaitsedie: A nke ke fumane mohau mahlong a lona, mme ke tla le nea seo le ka mpolellang sona;


Ba re: O re pholositse! mme jwale, a re boneng mohau mahlong a morena, mme re tla ba bahlanka ba Faro.


Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.


Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao.


Ruthe wa Moabe a re ho Naomi: Ntumelle hle, ke ye masimong, ke thonake diqwapi ke setse ba ka nkgauhelang morao. Naomi a re ho yena: O ka ya, moradi wa ka.


Yena a re: Lekgabunyane la hao ha le ke le bone mohau ho wena. Mosadi a ntoo ikela ka tsela ya hae, mme a ja, sefahleho sa hae se se se se jwaloka hapele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos