Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 27:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Isaaka a re: Bona hle, ke tsofetse, mme ha ke tsebe letsatsi leo ke tlang ho shwa ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Isaka a re: “Bona ke tsofetse; ha ke tsebe letsatsi leo ke tla shwa ka lona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 27:2
10 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, ako nke jwale dibetsa tsa hao, kgohlopo ya hao le seqha sa hao, o ye naheng, o ntsomele phoofolo;


Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.


O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Mehleng eo, Esekiase a kula, a batla a eshwa. Moporofeta Esaia, mora Amotse, a ya ho yena, a re: Ho itswe ke Jehova: Hleka ntlo ya hao, hobane o se o ya shwa, ha o sa tla phela.


a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.


Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla monga ntlo a tla tla, kapa mantsiboya, kapa bosiu bo boholo, kapa mokoko ha o lla, kapa kameso;


athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos