Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:24
41 Referencias Cruzadas  

Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala.


Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.


ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Yaba Abrahama o kgutlela ho bahlanka ba hae; mme ba tloha, ba ya hammoho Beerseba. Mme Abrahama a aha Beerseba.


Yaba o re: Jehova, Modimo wa Abrahama, mong a ka, ako mphihlisetse botle kajeno, mme o etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau.


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


Bona, nna ke na le wena; ke tla o boloka hohle moo o ka yang teng, ke be ke o kgutlisetse naheng ena, hobane nke ke ka o tlohela, ke eso ho o etse seo ke o baletseng sona.


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.


A re ho bona: Ke bone sefahleho sa ntata lona, hobane ha se sa le jwaloka pele bakeng sa ka, empa Modimo wa ntate o bile le nna.


Jehova a ba le Josefa, ya eba motho ya lehlohonolo, mme a dula ka tlung ya monga hae Moegepeta.


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


Iseraele a tloha a na le ntho tsa hae kaofela, a fihla Beerseba, a etsetsa Modimo wa Isaaka, ntatae, mahlabelo.


Elia a re ho yena: Se tshabe; etsa kamoo o boletseng kateng, o mpe o etsetse nna senkgwanyana pele, o ntlisetse sona; kamorao, o etsetse wena le mora hao.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Ho itswe ke Jehova, moetsi le mmopi wa hao esale popelong ya mmao, eo e leng thuso ya hao: O se ke wa tshaba, Jakobo, mohlanka wa ka, wena Jeshurune (Iseraele), eo ke o kgethileng!


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


O atametse tsatsing leo ke bitsitseng ho wena, wa re: O se ke wa tshaba.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


Ke tla hopola ka baka la bona selekane sa ka le bontata bona moholo, bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta mahlong a ditjhaba, ke tle ke be Modimo wa bona. Ke nna Jehova.


Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.


Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.


Ke nna Modimo wa bontatao. Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o tshwarwa ke ho thothomela, mme a tshaba ho tadima.


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


Ipheng matla, mme le tiye dipelo; se tshabeng, mme le se ke la ba tshoha, hobane Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tsamayang le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o lahla.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.


Mme jwale, moradi wa ka, se tshabe; ke tla o etsa ka tsohle tseo o di boletseng, hobane bohle ba motse wa tjhaba sa heso ba tseba hobane o mosadi ya kgabane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos