Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba o tloha teng, a tjheka sediba se seng, mme sona ha se a ka sa tsekwa, mme a se rea lebitso la Rehobothe (sebaka), a re: Jwale, Jehova o re etseditse sebaka, mme re tla ata lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 A falla moo, a tjheka sediba se seng hape, empa sena ba se ke ba hlola ba se tsekisana, mme sona a se rea lebitso la Rehobote, a re: “Jwale Morena o re file sebaka, mme re tla ngatafala naheng ena.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:22
11 Referencias Cruzadas  

Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena.


Ba tjheka sediba se seng, empa le sona sa tsekwa; yaba o se rea lebitso la Sitna (molwantshi).


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


E monyenyane a mo rea lebitso la Efraime (ya behang), a re: Ke hobane Modimo o nkatiseditse lefatsheng la tlokotsi ya ka.


Ha ke ne ke le matswalong, ka rapela Jehova, mme Jehova a nkutlwa, a nketsetsa sebaka.


Ke tla matha tseleng ya ditaelo tsa hao, ha o se o habolotse pelo ya ka.


A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.


Ha ke bitsa, o nkarabe, wena Modimo wa ho loka ha ka! Ha ke le matswalong, o a ntokolla! Nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.


Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.


O atolose setsha sa tente ya hao, o menolle masela a boaho ba hao, o se ke wa hana, o lelefatse dithapo tsa hao, o tiise dithakgisa tsa hao.


Hobane o tla namela ka ho le letona le ka ho le letshehadi, ditloholo tsa hao, di tla rua ditjhaba, di tsose metse e masupi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos