Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 26:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Jehova o iponahatsa ho yena, a re: O se ke wa theohela Egepeta, o mpe o sale naheng eo ke tla o bolella yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Morena a iponahatsa ho yena, a re: “O se ke wa theohela Egepeta; o mpe o yo aha naheng eo ke tla o laela yona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 26:2
11 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Abrame: Tloha lefatsheng la heno, le ho mofuta wa hao, le tlung ya ntatao, o ye lefatsheng leo ke tlang ho o bontsha lona.


Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.


Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.


Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos