Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:53 - Sesotho 1909/1961 (SO)

53 Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

53 Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:53
11 Referencias Cruzadas  

Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,


Ntata bona o ne a ba neile dimpho tse ngata tsa silefera le kgauta, le dintho tsa bohlokwa, hammoho le metse ya diqhobosheane naheng ya Juda; mmuso wona o ne a o neile Jorame, kahobane e ne e le yena wa letsibolo.


Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


Ako bue jwale ditsebeng tsa setjhaba, hore monna e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta.


Bana ba Iseraele ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, ba qela mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta le diaparo ho Baegepeta.


Empa mosadi e mong le e mong o tla kopa ho ya ahisaneng le yena, le ho eo ya ahileng le yena, mesebatsi ya silefera, le mesebetsi ya kgauta, le diaparo, le tle le apese bara ba lona le baradi ba lona ka tsona; le tla hlobodisa Baegepeta jwalo.


Marama a hao a matle dipakeng tsa meqhaka, le molala wa hao dipakeng tsa masihla.


Mahlomela a hao ke tshimo ya difate tsa kharanata tse ditholwana tse monate, le dikiprese le dinareda.


Esekiase a thaba ha a bona manqosa, a ba a a bontsha ntlo ya matlotlo a hae, le silefera, le kgauta, le dinoko, le ole ya bohlokwa, le ntlo ya dihlomo tsa hae kaofela, le tsohle tse dipolokelong tsa hae; ha ho a ka ha eba letho leo Esekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le mmusong wa hae wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos