Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Mme kajeno, ha ke fihla sedibeng, ka re: Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ha o ka fela wa ithatela ho atlisa tsela ya ka eo ke tsamayang ho yona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

42 “Kajeno ha ke fihla sedibeng ke ile ka re: ‘Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, haeba jwale o ka atlehisa leeto la ka,

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:42
14 Referencias Cruzadas  

Teng a kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba sa metsi, nakong ya mantsiboya, motsotsong oo basadi ba tswelang ho kga metsi.


a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botshepehi ba hae! Haele nna, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ya banababo mong a ka.


A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


O laeletse tsela ya hao ho Jehova, o mo tshepe; ho tla sebetsa yena.


Mme mohau wa Jehova. Modimo wa rona, o be ho rona! Mosebetsi wa matsoho a rona, o re tiiselletse wona; e, mosebetsi wa matsoho a rona o o tiise.


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.


ke ntse ke kopa kamehla merapelong ya ka hore na, ha e ka ba ho rata ha Modimo, nke ke ka fuwa sebaka se setle sa ho ya ho lona.


etswe Anna a ne a bua ka pelo feela, a bebenya melomo, lentswe lona le sa utlwahale. Kahoo, Eli a lekanya hoba o tahilwe.


Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos