Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 23:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O re mamele, monghadi: O kgosana ya Modimo hara rona; pata mofu wa hao lebitleng la rona leo o tla le kgetha. Ha ho motho ho rona ya ka o hanelang le lebitla la hae, leo o ka patang mofu wa hao ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Ako re mamele, monghadi. O kgosana e matla hara rona; epela mofu wa hao lebitleng le letleletle hara mabitla a rona. Ha ho le ya mong wa rona ya tla o hanela ka lebitla, ho epela mofu wa hao.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 23:6
19 Referencias Cruzadas  

Abrame o ne a ruile makgomo, le silefera, le kgauta haholoholo.


Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


Sara a tsheha kahare ho yena, a re: Ha ke se ke tsofetse, nka hla ka hlahelwa ke takatso, etswe le monga ka e le leqheku!


Jwale he, busetsa mosadi ho monna wa hae: etswe e le moporofeta, mme o tla o rapella hore o pholohe. Empa ha o ke ke wa mmusetsa, o tsebe hoba o tla shwa le ho shwa, wena le bohle bao o nang le bona.


Mehleng eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa makgotla a hae, ba bua le Abrahama, ba re: Modimo o na le wena nthong tsohle tseo o di etsang.


Bara ba Hethe ba araba Abrahama, ba re ho yena:


Yaba Abrahama o a ema, a inama ho baahi ba naha, bara ba Hethe;


A re: Nwa, monghadi. A phakisa a kokobeletsa nkgo ya hae letsohong la hae, a mo nosa.


Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.


Yaba Ragele o re ho ntatae: Morena wa me a se ke a halefa, ha ke sitwa ho ema pela hao, hobane ke na le seo basadi ba nang le sona. A batla diterafime, a se ke a di bona.


o tle o re: Ke tsa mohlanka wa hao Jakobo, ke nyehelo e iswang ho Esau, morena wa ka, mme le yena ke enwa ya tlang kamora rona.


Ba re ho yena: Tjhe, morena, re bahlanka ba hao ba tlileng ho reka dijo.


Na ha le na senwelo seo morena ka a nwang ho sona, le ho noha a bileng a noha ka sona? Le sitilwe ha le entse jwalo!


Hle ke moo tjhelete eo ra nang ra e fumana melomong ya mekotla ya rona re hlile re e buseditse ho wena ha re etswa naheng ya Kanana; a re ne re ka utswa jwang silefera kapa kgauta ka tlung ya morena wa hao na?


Aarone a re: Bohale ba monga ka bo se ke ba tuka. Tjhaba sena o a se tseba hoba se sekametse bobeng.


Ho itswe ke Jehova: Ho tla tla ho wena maruo a Egepeta le tse hwebilweng tsa Ethiopia, le Basaba, banna ba ditopo di telele, mme e tla ba ba hao; ba tla o latela, ba tle ho wena ka mahlaahlela, ba kgumame pela hao, ba ithapelle ho wena, ba re: Efela Modimo o na le wena, o mong ha o yo; ha ho Modimo, haese wona.


Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos