Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale ba fihla nqalong eo Modimo o mmoleletseng yona. Abrahama a haha aletare teng, a lokisa patsi; a tlama Isaaka, mora hae, a mmea aletareng hodima patsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ba fihla sebakeng seo Modimo a ileng a mmolella sona. Aborahama a haha aletare hona teng, a bea patsi hantle; yaba o tlama mora hae Isaka, o mmea hodima aletare, kahodima patsi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:9
23 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.


Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.


Abrahama a nanabetsa letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora hae.


Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


A tshekahanya patsi, a pomahanya poho, a e bea hodima patsi, a re: Tlatsang dinkgo tse nne ka metsi, le tshele sehlabelo le patsi ka wona.


Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare!


Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.


E sa le hosasa, baprista ba baholo ba etsa morero le baholo, le bangodi, le lekgotla kaofela. Eitse hobane ba tlame Jesu, ba ya le yena, mme ba mo neela Pilato.


Karolo ya lengolo leo a neng a le bala e ne e le yona ena: O huletswe hlabong jwaloka nku, hape o ne a le jwaloka konyana e semumu pela mokuti wa yona, mme ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


mme le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ineetse bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae, Isaaka, hodima aletare na?


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos