Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Isaaka o bua le Abrahama, ntatae, a re: Ntate! A re: Ke nna enwa, mora ka. A re: Mollo le patsi ke tsena, empa nku ya setjheso e kae na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Isaka a bua le ntatae Aborahama, a re: “Ntate!” Aborahama a re: “Ke nna enwa, ngwana ka.” Yaba o re: “Mollo le patsi ke tsena; jwale konyana ya sehlabelo sa setjheso e kae?”

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:7
12 Referencias Cruzadas  

Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.


Tseo o tla di hlabela aletareng ke konyana tse pedi tse lemo se le seng, ka tsatsi le leng le le leng, kamehla yohle.


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


A tadima Jesu a feta, a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo.


Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos