Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bethuele o tswetse Rebeka. Bao ba robileng meno e mmedi, Milka o ba tswaletse Nakore, moena Abrahama.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Bethuele a tswala Rebeka, mme ba robedi bana ke bao Mileka a ba tswaletseng Nakore moena wa Aborahama.

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:23
13 Referencias Cruzadas  

Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.


le Kesede, le Haso, le Pildashe, le Jidlafe, le Bethuele.


Le serethe sa hae se bitswang Reuma, le sona se mo tswaletse Thebake, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.


Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.


Yaba o re ho yena: Ke moradi wa Bethuele, mora wa Milka, eo a mo tswaletseng Nakore.


Ka ntoo mmotsa, ka re: O moradi wa mang? A re: Ke moradi wa Bethuele, mora Nakore, eo a mo tswaletsweng ke Milka. Yaba ke kenya lesale nkong ya hae, ka mo rwesa, le mefitshana matsohong a hae.


Bona, Rebeka o pela hao, mo nke, o ye le yena, e be mosadi wa mora mong a hao, kamoo Jehova a boletseng kateng.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: Oho, kgaitsedi ya rona, o be mma dikete tsa diketekete, mme ditloholo tsa hao di rue dikgoro tsa dira tsa tsona!


Jwale Isaaka a isa Rebeka ka tenteng ya Sara, mmae, a mo nka hore e be mosadi wa hae, a mo rata; mme Isaaka a tshediseha bakeng sa mmae.


Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.


Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.


Mme hase hoo feela; empa le yena Rebeka o kile a emola ka a le mong, e leng Isaaka, ntata rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos