Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ka baka leo he, ntlhapanyetse mona ka lebitso la Modimo, hore nna, le bana ba ka, le ditloholo tsa ka, wena o ke ke wa re etsetsa bolotsana; le hore ho ya kamoo ke o hauhetseng kateng, le wena o tla nkgauhela, esita le yona naha eo o jakileng ho yona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:23
19 Referencias Cruzadas  

Yaba Abimeleke o nka dinku, le dikgomo, le bahlanka, le makgabunyane, a di abela Abrahama, a ba a kgutlisetsa Sara mosadi wa hae ho yena.


Abrahama a re: Ke tla hlapanya.


ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


Ba re: Ke kahobane re bona kannete hoba Jehova o na le wena, mme re re: Kano e ke e be teng pakeng tsa rona le wena, re hlabe selekane le wena,


Tloo he jwale, re hlabe selekane, nna le wena, e be bopaki pakeng tsa ka le wena.


Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Nakore, Modimo wa bontata bona o re ahlolele. Yaba le Jakobo o hlapanya ka ya tshajwang ke Isaaka, ntatae.


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


A re: Nkanele. Mme a mo anela. Yaba Iseraele o inamela mosamong wa malao a hae.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Efela batho ba ye ba hlapanye ka ya ba fetisang, mme ha ho tiiswa taba ka kano, ke moo dikgang tsohle tsa bona di felang.


Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,


Jehova a etse Jonathane ka hore le ka hore; ha ntate a fela a hopotse ho o etsa hampe, ke tla o tsebisa, ke o tlohele, o tle o ikele ka kgotso. Jehova yena o tla ba le wena, jwalokaha a bile le ntate.


Jonathane a ntoo eketsa a hlapantsha Davida, ka baka la ho mo rata; o ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


Davida a re ho yena: Hleka o ka re isa letshweleng leo na? A re ha o ka ntlhapanyetsa ka Modimo hobane o ke ke wa mpolaya, leha e le ho nneela matsohong a monga ka, ke tla o isa letshweleng leo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos