Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:17
31 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Hape, lengeloi la Jehova la re ho yena: Bona, o emotse, mme o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Ishmaele, hobane Jehova o mametse ho hloriswa ha hao.


Lengeloi la Jehova la le fumana pela sediba sa metsi feelleng, sedibeng se tseleng ya Shure.


La re: Agare, lekgabunyane la Sarai, o tswa kae, mme o ya kae? A re: Ke balehetse Sarai, mofumahadi wa ka.


Lengeloi la Jehova la re ho yena: Kgutlela ho mofumahadi wa hao, o ikokobetse tlasa letsoho la hae.


Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.


Yaba Jehova o iponahatsa ho yena ka bona bosiu boo, a re: Ke nna Modimo wa Abrahama, ntatao; se tshabe, hobane ke na le wena; ke tla o hlohonolofatsa, ke atise ditloholo tsa hao ka baka la Abrahama, mohlanka wa ka.


Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.


Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


Joakase a rapela Jehova, mme Jehova a mo utlwa, ha a bona ho tshwenyeha ha Baiseraele, kamoo ba tshwenngwang kateng ke morena wa Siria.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.


Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Ekare ha o ba tshwenya, mme ba tla, ba howeletsa ho nna, ke tla mamela mehoeletso ya bona;


hobane ha a na seaparo se seng; ke yona kobo ya hae ya ho apesa letlalo la hae. A ka robala kang? Leha a ka howeletsa ho nna, ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.


Yaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho yena, kgabong ya mollo, kahare ho sehlahla, mme ha a tadima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa tjhe.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Boporofeta hodima sekgutlo sa dipono: Taba ke dife, ha batho ba hao kaofela ba hlweletse hodima matlo,


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, a re: Ke utlwela bongata boo bohloko, hobane matsatsi a se a le mararo ba dutse ho nna, mme ha ba na letho leo ba le jang; ke sitwa ho ba kgutlisa le tlala, esere mohlomong ba ka kgathala tseleng.


Empa Jesu ha a ka a hlokomela se bolelwang, mme a re ho mmusi wa sinagoge: Se tshohe, dumela feela.


Ke ha re tla howeletsa ho Jehova, Modimo wa bontata rona, mme Jehova a utlwa lentswe la rona, a tadima mahlomola a rona, le ho sebetsa ha rona, le ho tujwa ha rona.


Ba howeletsa bana ba Dane; bao, ha ba reteleha, ba re ho Mika: O jewa keng ha o etla o ba phuthile ka mokgosi?


Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos