Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba o re ho Abrahama: Lelekisa lekgabunyane leo le mora wa lona, hobane mora wa lekgabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mora ka Isaaka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 21:10
17 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Tjhe, Sara, mosadi wa hao, o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Isaaka; ke tla tiisa selekane sa ka le yena, le leloko la hae le kamora hae, e be selekane se sa feleng.


Empa selekane sa ka ke tla se tiisa le Isaaka, eo Sara a tlang ho o tswalla yena isao, wona motsotsong ona.


Yaba Abrahama o re: Ke hobane ke itse: Eka ha ho tshajwe Modimo motseng ona, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


Abrahama a nanabetsa letsoho la hae, a nka thipa ho hlaba mora hae.


Ke tsena ditloholo tsa Isaaka, mora Abrahama. Abrahama o ne a tswale Isaaka.


Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.


Lelekisa mosomi, mme komang e tla tswa, phapang e dihlong e fele.


Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla.


Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.


Ke moo jwale o sa hloleng o le mohlanka, empa o mora; mme ha o le mora, hape o mojalefa wa Modimo ka Kreste.


re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


Mohatsa Gileade o ne a mo tswaletse bara; eitse hobane bara ba mohatsa hae ba hole, ba lelekisa Jafeta, ba re ho yena: O ke ke wa ja lefa la ntlo ya ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos