Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 20:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 20:5
21 Referencias Cruzadas  

O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.


Eitse ha Modimo o nntsha tlung ya ntate, hore ke be mojaki, ka re ho yena: Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: Hohle moo re yang, ha o mpolela, o nne o re: Ke kgaitsedi ya ka.


Ho Sara a re: Bona, ke neile kgaitsedi ya hao dishekele tse sekete tsa silefera; a e be lesira mahlong ha hao, le ho bohle ba nang le wena, mme o tla loka le pela batho bohle.


Haele wena, ekare ha o tsamaya pela ka ka pelo e lokileng, ya nnete, jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, o etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, ha o boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka,


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;


Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.


Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.


Ke hatlela matsoho a ka ho lokeng, ke pota aletare ya hao, Jehova,


Jehova o ahlola ditjhaba. Jehova, o ntokisetse! Nke ke etswe ka ho loka ha ka le ka bokgabane ba ka.


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Ke feela ha ke hlwekisitse pelo ya ka, leha ke hlatswitse matsoho a ka bosweung;


Mme Davida a ba moalosi wa bona ka pelo e hlwekileng, a ba tsamaisa ka letsoho le hlalefileng.


Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa.


Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!


Modimo wa ka o romile lengeloi la wona, mme o thibile melomo ya ditau, hore di se ke tsa nketsa letho; hobane ke fumanwe ke se na molato pela wona, le pela hao, morena, ha ke a ka ka etsa letho le lebe.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Le dipaki, le Modimo ke yona, tsa mokgwa o halalelang, o lokileng, o se nang molato, oo re le entseng ka wona, lona ba dumetseng.


nna, eo ke neng ke le monyefodi pele, le mohlorisi, le morori; empa ke rekolohetswe, hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se dumeleng.


Modimo, Modimo, Jehova, Modimo, Modimo Jehova, o a tseba le Baiseraele bohle ba tla tseba hoo le bona — ha ekaba ke ka ho fetohela Jehova, le ka ho mo sitelwa, o se ke wa re pholosa kajeno!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos