Genese 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng. Ver CapítuloBIBELE2 Ka letsatsi la bosupa Modimo a phetha mosebetsi wa hae, oo a o entseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng. Ver Capítulo |
Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;
empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka lona, leha e le wena, leha e le mora wa hao, kapa morali wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, kapa e motshehadi, leha e le kgomo ya hao, leha e le esele ya hao, leha e le phoofolo e nngwe ya hao, leha e le moeti wa hao ya menyakong ya hao; hore mohlanka wa hao e motona le e motshehadi ba phomole jwaloka wena.