Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A re ho yena: Bona, ke tla o hauhela le tabeng ena, mme ha nka ke ka fatakanya motse ona oo o buang ka wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Morena a re ho yena: “Bona, le tabeng ena ke o mametse; ha ke na ho timetsa motse oo o buileng ka wona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:21
16 Referencias Cruzadas  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Ekaba ba lokileng ba mashome a mahlano ba teng motseng; hleka o ka timetsa motse, o sa o baballe ka baka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ho wona na?


Bona hle, motse wane o haufi, nke ke balehele ho wona; na ha o monyenyane na? mme moya wa ka o tla phela.


Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.


Ekare ha o etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? Mme ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyako; mme ditakatso tsa sona di lebile ho wena, o mpe o se buse.


o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.


O fa ba mo tshabang ho ratwang ke bona, o utlwa mehoo ya bona, mme o a ba lopolla.


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.


ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.


ke re ho lona: Leha a ne a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motswalle wa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ya hae.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Davida a amohela matsohong a Abigaile seo a mo tliseditseng sona, a re ho yena: Eya hae ka kgotso; bona, ke utlwile lentswe la hao, mme ke o hauhetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos