Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 18:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a iponahatsa ho Abrahama dieikeng tsa Mamre, a dutse monyako wa tente, motshehare, ha ho futhumetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a iponahatsa ho Aborahama a le difateng tsa eike, tsa Mamore, moo a neng a dutse monyako wa tente, ka nako eo letsatsi le neng le tjhesa haholo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 18:1
17 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.


Yaba ho fihla mobalehi e mong, a bolella Abrame, Moheberu, ya ahileng dieikeng tsa Mamre, Moamore, ngwanabo Eshkole le Anere, ba neng ba ena le selekane le Abrame.


Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Yaba o lesa ho bua le yena, mme Modimo wa myoloha, wa tloha ho Abrahama.


Yaba banna ba tloha, ba leba Sodoma; empa Abrahama a sala pela Jehova.


Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.


Yaba Jehova o iponahatsa ho yena, a re: O se ke wa theohela Egepeta, o mpe o sale naheng eo ke tla o bolella yona.


Jakobo a fihla ho Isaaka, ntatae, Mamre, motseng wa Kiryath-Arba, e leng Hebrone, moo boAbrahama le Isaaka ba kileng ba ahella teng.


Yaba Jakobo o re ho Josefa: Modimo o matla wohle o kile wa iponahatsa ho nna Luse, naheng ya Kanana, wa ntlhohonolofatsa,


Bosiung boo, Modimo wa iponahatsa ho Salomone, wa re ho yena: Kopa seo ke tla o nea sona.


Yaba Moshe o araba, a re: Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, mme ha ba ka ke ba mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Jehova ha a ka a iponahatsa ho wena.


Setefane a re: Banna ba heso le bontate, utlwang! Modimo wa kganya o ne o ipontshe ho ntata rona Abrahama, a sa le Mesopotamia, a eso ho ahe Kgarane,


Ka tumelo, o kile a dula ka mokgwa wa mojaki naheng eo a e baletsweng, a aha ditenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le yena a pallo e le nngwe;


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos