Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 14:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba ho tswa morena wa Sodoma, le morena wa Gomora, le morena wa Adama, le morena wa Tseboime, le morena wa Bela, ke ho re, wa Tsoware, mme a laola makgotla a wona lehwatateng la Sidime;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ke ha ho futuha kgosi ya Sodoma, le kgosi ya Gomora, le kgosi ya Adema, le kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware, mme tsa itokisetsa ntwa ka phuleng ya Sidime;

Ver Capítulo Copiar




Genese 14:8
8 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.


a re a lwantsha Kedorlaomere, morena wa Elame, le Tideale, morena wa Gojime, le Amrafele, morena wa Shineare, le Arioke, morena wa Ellasare: marena a mane a lwantsha marena a mahlano.


Bona hle, motse wane o haufi, nke ke balehele ho wona; na ha o monyenyane na? mme moya wa ka o tla phela.


Phakisa o balehele teng, hobane ke sitwa ho etsa letho, o eso fihle teng. Ke ka baka leo motse oo o reilweng lebitso la Tsoware.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos