Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 14:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A kgutla le maruo kaofela; a ba a kgutla le Lota, ngwanabo, le maruo a hae, a ba a tla le basadi le batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 A kgutla le thepa yohle, esita le yena Lota mora wa moena hae, le thepa ya hae, mmoho le basadi le batho kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 14:16
7 Referencias Cruzadas  

Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.


Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


Yaba Josefa o tsamaya ho ya pata ntatae; mme bahlanka kaofela ba Faro ba ya le yena, le matona a ntlo ya hae, le marena kaofela a lefatshe la Egepeta,


Ke mang ya tsositseng motho botjhabela, eo poloko e tsamayang mehlaleng ya hae? Ke mang ya mo neetseng ditjhaba, ya kokobeditseng marena katlasa hae? O etsa marumo a bona lerole, seqha sa bona se ba jwaloka mooko o fefolwang.


Davida a botsa Jehova, a re: Ha nka phallela letshwele lela, ana ke tla ba tshwara na? Jehova a re ho yena: Phalla, hobane o fela o tla ba tshwara, le ho hlakodisa tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos