Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 14:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 14:10
12 Referencias Cruzadas  

Yaba ba bolellana, ba re: Tloong hleng, re bope makote, re a bese ka mollo. Ba eba le makote bakeng sa majwe, le bitume bakeng sa seretse.


Yaba ho hapjwa maruo wohle a Sodoma le a Gomora, le dijo tsohle tse teng, ha kgutlwa.


Yaba morena wa Sodoma o tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ha a kgutla, a se a hlotse Kedorlaomere le marena a neng a na le yena; mme a mo fihlela lehwatateng la Shave, ke ho re, lehwatata la morena.


Morena wa Sodoma a re ho Abrame: Nnee batho, o inkele maruo.


Marena ana kaofela a kgahlana lehwatateng la Sidime, moo kajeno e leng Lewatle la Letswai.


a re a lwantsha Kedorlaomere, morena wa Elame, le Tideale, morena wa Gojime, le Amrafele, morena wa Shineare, le Arioke, morena wa Ellasare: marena a mane a lwantsha marena a mahlano.


Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.


Lota a tloha Tsoware, a ya aha thabeng, a ena le baradi ba hae ba babedi; hobane o ne a tshaba ho dula Tsoware. A aha lehaheng, yena le baradi ba hae ba babedi.


ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu!


Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.


Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.


Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos