Yaba Faro o etsa Abrame hantle ka baka la Sarai, mme Abrame a rua dinku, le dikgomo, le diesele, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le diesele tse tshehadi, le dikamele.
Jehova o hlohonolofaditse mong a ka haholo, ebile ke motho e moholo, mme o mo neile manku le makgomo, le silefera, le kgauta, le bahlanka ba batona le ba batshehadi, le dikamele le diesele.
Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na?
Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.
O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.