Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 10:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha tswalwa bara ba babedi ho Hebere; lebitso la e mong e le Pelege, hobane lefatshe le nnile la arohanngwa mehleng ya hae; lebitso la ngwanabo e le Jokthane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Ebere a tswala bara ba babedi. Lebitso la e mong e ne e le Pelege, hobane baahi ba lefatshe ba ne ba arohane mehleng ya hae; moena hae e ne e le Jokotane.

Ver Capítulo Copiar




Genese 10:25
10 Referencias Cruzadas  

Ha tswalwa bana le ho yena Sema, ntata bara ba Hebere kaofela, moholwane wa Jafeta.


Jokthane a tswala Almodade, le Shelefe, le Hatsaremavethe, le Jerake,


Ke yona eo mefuta ya bara ba nowe, ka meloko ya bona, le ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse sabaletseng lefatsheng kamora morwallo di tswile ho bona.


Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.


Hebere a tswallwa bara ba babedi; lebitso la e mong ke Pelege (karolo), hobane lefatshe le ne le arolwe tshiung tsa hae; lebitso la ngwanabo ke Jokthane.


e leng bao naha e neng e le ya bona, ho seng moditjhaba ya kileng a kena hara bona.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


Yanayare mohla E moholoholo a abelang ditjhaba lefa la tsona, mohla a arohanyang bana ba batho, a bea meedi ya ditjhaba ka palo ya bana ba Iseraele;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos