ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;
Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.
Swaba, Sidone, hobane lewatle le a bolela, qhobosheane ya lewatle e re: Ha ke tsebe bohloko ba ho beleha, ha ke a beleha; ha ke a ka ka hodisa bahlankana kapa barwetsana.
ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.
Jehova a ba neela matsohong a Baiseraele, ba ba qhala, mme ba ba phallela ho ya fihla Sidone e moholo, le Misrefothe-Maime, le ho ya fihla sekgutlong sa Mitspe, ka nqa botjhabela; ba ba bolaya, ha se ke ha eba le motho ya phonyohang.
Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.