Esthere 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Dihlooho tsohle tsa dinaha, le matona, le babusisi, le bohle ba tshwereng ditaba tsa morena, ba emela Bajuda, hobane letsoso la Mordekai le ne le ba wetse hodimo. Ver CapítuloBIBELE3 Mahosana wohle a dinaha, le baokamedi ba mabotho, le babusisi, le bahlanka ba kgosi, ba ne ba thusa Bajuda, hobane ba ne ba tshaba Moredekai. Ver Capítulo |
Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena.
Naheng e nngwe le e nngwe, le motseng o mong le o mong, nqalong tsohle tseo polelo ya morena le taelo ya hae di fihlileng ho tsona, Bajuda ba dula thabong le nyakallong, ba etsa diboka le letsatsi la mokete; esita le ba bangata hara ditjhaba tsa lefatshe ba iketsa Bajuda, ka hobane letsoso la Bajuda le ne le ba wetse hodimo.
a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;
Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.
Morena Nebukadnesare a romela ho phutha mahosana, le marenana, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo a hae, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi bohle ba dinaha tse kamathoko, hore ba itlhahise moketeng wa ho kgakola setshwantsho se emisitsweng ke morena Nebukadnesare.