Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 9:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 hore ho tiiswe hara bona hore, ka selemo se seng le se seng, ba tle ba kgethe letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare le letsatsi la leshome le metso e mehlano,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 hore ka selemo le selemo ba hopole letsatsi la leshome le metso e mene, le la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya Hlakubele;

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:21
8 Referencias Cruzadas  

Mme ntlo eo ya phethwa ka tsatsi la boraro la kgwedi ya Adare, e leng ka selemo sa botshelela sa ho busa ha morena Dariuse.


Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.


Tseo ba di etsa ka tsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya Adare, mme ba phomola ka la leshome le metso e mene, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.


Empa Bajuda ba Susane bona ba phutheha ka la leshome le metso e meraro le ka la leshome le metso e mene la kgwedi yona eo, mme ba phomola ka la leshome le metso e mehlano, ba le etsa letsatsi la mokete le la thabo.


Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


Bajuda ba rera, mme ba ikgethela, ba kgethela le ditloholo tsa bona le bohle ba ka ba kgomarelang, hore ba ke ke ba lesa ho kgetha matsatsi ao a mabedi, selemong se seng le se seng, ka molao wa teng o ngodilweng, le ka nako e beilweng;


Mofumahadi Esthere, moradi wa Abikaile, le Mojuda Mordekai, ba ngola ba neilwe matla wohle, ba tiisa lengolo la bobedi hodima Purime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos