Esthere 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Ha ho le jwalo, ngolang lona ka lebitso la morena bakeng sa Bajuda kamoo le ratang kateng, mme le tiise ka lesale la morena; hobane lengolo le ngodilweng ka lebitso la morena, le tiisitsweng ka lesale la morena, ha le na ho kwenehelwa. Ver CapítuloBIBELE8 Le lona le ngolle Bajuda kamoo le ratang kateng, le ngole lengolo lena lebitsong la kgosi, le be le le tiise ka lesale la kgosi la tiiso, hobane lengolo leo le tla ngolwa lebitsong la kgosi, mme le tiiswe ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana, le ke ke la fetolwa ke motho.” Ver Capítulo |
Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena.
a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;