Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 mme a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, mme eba kgosi e nkgauhetse, le ntho ena e bonahala e le molemo ho kgosi, mme eba le nna ke kgahla kgosi, a ho ke ho ngolwe mangolo a hlakolang seo Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a ileng a se ngola hore ho timetswe Bajuda ba dinaheng tsohle tsa kgosi.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:5
9 Referencias Cruzadas  

Morena a rata Esthere ho feta basadi bohle ba bang, mme a fumana mohau le kamohelo pela hae ho feta barwetsana bohle ba bang; yaba o mo rwesa moqhaka wa bofumahadi hloohong, mme a mmea mofumahadi tulong tsa Vashti.


ba fuwe ke yena ditlolo tsa bona; jwale, morwetsana ya tla kgahla morena, a ke a bewe mofumahadi tulong tsa Vashti. Taba eo ya kgahlisa morena, mme a etsa jwalo.


Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.


Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a morena, ha morena a ka dumela ho nnea ka kopo ya ka le ho etsa ka qoso ya ka, ke re, morena a boele a tle le Hamane dijong tseo ke tla ba lokisetsa tsona, mme hosasane ke tla etsa ka polelo ya morena.


Mofumahadi Esthere a araba, a re: Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a hao, morena, ha morena a ka dumela, a nke ke fuwe bophelo ba ka ka kopo ya ka le bophelo ba setjhaba sa heso ka qoso ya ka;


Jwale hle, ha ekaba ke bone mohau ho wena, o tle o ntsebise le ditsela tsa hao, ke tle ke o tsebe, ke fele ke bone mohau ho wena; mme o bone hoba tjhaba sena ke setjhaba sa hao.


Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos