Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Kopi ya lengolo leo ya etswa hore e be taelo naheng e nngwe le e nngwe, mme e tumiswe ditjhabeng tsohle, hore Bajuda ba tle ba itokisetse tsatsi lona leo, hore ba tle ba iphetetse hodima dira tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Kopi ya taelo ena eo e tla ba molao, e phatlalletswe ditjhaba tsohle dinaheng tsohle e le hore Bajuda ba itokisetse ho iphetetsa ho dira tsa bona ka lona letsatsi leo.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:13
9 Referencias Cruzadas  

Kopi ya lengolo leo le taelo e ileng ho laela naheng e nngwe le e nngwe ya tumiswa ditjhabeng tsohle, hore ba tle ba itokisetse tsatsi leo.


Dititimi tse kaletseng tse mathang e leng dimulete, tsa phakisa tsa tloha di akofisitswe ke taelo ya morena. Le Susane, motse wa moreneng, taelo eo ya laelwa.


hore maoto a hao a hate mading, mme leleme la dintja tsa hao le abelwe ditopo tsa dira tsa hao.


Mme Modimo wona, na o ke ke wa ahlolela bakgethwa ba wona, ba bitsang ho wona motshehare le bosiu, leha o dieha ho halefa ka baka la bona na?


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Samsone a hoeletsa ho Jehova, a re: Morena Jehova, nkgopole hle! Oho Modimo, nnatlafatse kajeno feela, ke tle ke pheteletse hang feela mahlo a ka a mabedi ho Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos