Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 hobane, leha o ka ikgutsetsa nakong ena, thuso le ho namolelwa di tla hlahela Bajuda, di etswa hosele; haele wena le ntlo ya ntatao, le tla timela; ho tseba mang ha ekaba hase ka baka la nako e kang ena o fihlileng bofumahading!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Haeba ka nako ena o ka kgutsa tu! ho namolelwa ha Bajuda le ho pholoswa ha bona, ho tla hlaha sebakeng se seng, empa haele wena le lelapa la ntatao le tla timetswa. Ke mang ya ka tsebang haeba o beilwe ditulong tseo, o beelwa nako e kang ee?”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:14
31 Referencias Cruzadas  

Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.


Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele.


Ba re ho yena: Ho itswe ke Esekiase: Tsatsi lena ke la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.


Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.


Ka re: Hleka motho ya kang nna a ka baleha na? Mme o kae motho ya kang nna ya ka kenang tempeleng, hore a phele? Nke ke ka ba ka kena teng.


Haele Esthere, moradi wa Abikaile, maloma Mordekai, ya neng a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae, mohla ho fihlang nako ya hae ya ho kena ho morena, ha a ka a kopa letho haese seo a neng a se boleletswe ke Hegai, tona ya morena, modisa wa basadi; mme Esthere o ne a fumana mohau ho bohle ba mmonang.


Morena a rata Esthere ho feta basadi bohle ba bang, mme a fumana mohau le kamohelo pela hae ho feta barwetsana bohle ba bang; yaba o mo rwesa moqhaka wa bofumahadi hloohong, mme a mmea mofumahadi tulong tsa Vashti.


O ne a ntse a hodisa Hadassa, kapa Esthere, moradi wa malomae, etswe a ne a se na ntatae le mmae; morwetsana eo o ne a le motle, a boheha; mohla ho shwang ntatae le mmae, Mordekai o ne a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae.


Yaba Mordekai o laela hore Esthere a fetolwe ka ho re: O se ke wa lekanya pelong ya hao hobane o tla phonyoha leha o le tlung ya morena, ho feta Bajuda bohle;


Yaba Esthere o laela hore Mordekai a arajwe ka ho re:


Ha o mphe sebaka sa ho ntsha letshwea, hobane o nkgorisa tse babang.


nako e teng ya ho hahola, e teng nako le ya ho roka; nako e teng ya ho kgutsa, e teng nako le ya ho bua;


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.


Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.


ke hopole le selekane sa ka le Isaaka, le selekane sa ka le Abrahama, ke hopole le naha ya bona.


Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Yaba Bafilesta ba botsa, ba re: Hoo ho entswe ke mang na? Ha thwe: Ke Samsone, mokgwenyana wa monna wa Thimna, hobane o mo amohile mosadi wa hae, a mo nea moetsana wa hae. Yaba Bafilesta ba nyoloha, ba tjhese mosadi eo le ntatae.


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


Davida a re: Ke entseng jwale? Molato o kae, ha ke bua jwalo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos