Esthere 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)23 Taba eo ya batlisiswa, mme ya fumanwa hobane e jwalo. Ba fanyehwa ba babedi sefateng; mme taba tseo tsa ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso, pontsheng ya morena. Ver CapítuloBIBELE23 Ha etswa patlisiso, mme ha fumanwa taba ena e le nnete. Banna bao ba babedi ba fanyehwa sefateng. Taba ena ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, moo kgosi e ntseng e bona. Ver Capítulo |
ha ho ka batlwa bukeng ya ditaba tsa ho phela ha bontatao, o tla fumana bukeng ya ditaba tseo, o be o tsebe hore motse ono ke motse o ikgantshang, o senyetsang marena le dinaha; le hore boikgantsho bo nnile ba eba teng motseng ono haesale le mehleng ya boholo; motse ono o bile wa fediswa ka baka leo.
Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae, ba re ho yena: Ho ke ho emiswe sefate se bolelele ba ditswe tse mashome a mahlano, mme hosasane, o kope ho morena hore Mordekai a fanyehwe ho sona; jwale wena, o tla ya dijong le morena o thabile. Taba eo ya kgahla Hamane, mme a laela hore ho emiswe sefate.