Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mehleng eo, Mordekai ha a sa ntsane a dutse pela monyako wa morena, Bigthane le Thereshe, matona a mabedi a morena, e leng balebedi ba menyako, ba hlonamela morena, mme ba leka ho isa matsoho a bona ho morena Assueruse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Hona matsatsing ao, ha Moredekai a dutse monyakong wa kgosi, mahaole a mabedi a kgosi, e leng Bigitane le Tereshe, e leng a mang a balebedi ba monyako, a halefa, mme a rera ho bolaya kgosi Ahashuerushe.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 2:21
13 Referencias Cruzadas  

Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.


Yaba mohlanka wa hae Simri, molaodi wa makoloi a mang a hae, wa mo fetohela. Ela o ne a le Thirtsa, a ntse a enwa, a tahwa ka tlung ya Artsa, molebedi wa ntlo ya hae e Thirtsa.


Bahlanka ba Joase ba mo fetohela, ba mmolaya tlung ya Millo, motheong wa Silla.


Ebile bahlanka ba Amone ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.


Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.


Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.


Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.


Ha fumanwa ho ngodilwe kamoo Mordekai a neng a hlahisitse ditaba tsa Bigthane le Thereshe kateng, matona a mabedi a morena a balebedi ba monyako, tsa kamoo ba batlileng ho isa letsoho ho morena Assueruse kateng.


wena ya neang marena poloko, wena ya namoletseng mohlanka wa hao, Davida lerumong le bolayang.


Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos