Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 ka re: Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke dihlong tsa ho emisetsa sefahleho sa ka ho wena, Modimo wa ka! Hobane makgopo a rona a totile ho feta dihlooho tsa rona, molato wa rona a hodile ho ya fihla mahodimong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ke swabile, ke bile ke tshaba le ho tadimana le wena, Modimo wa ka. Bokgopo ba rona bo re hlwele dihlooho, dibe tsa rona di lalellane hodimo ho ya fihla mahodimong.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 9:6
27 Referencias Cruzadas  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


ha ba ka ikgopola, ba le naheng ya moo ba isitsweng kgolehong, ba sokolohela ho wena, ba o rapela, ba le naheng ya ba ba isitsweng kgolehong, ba re: Re sitilwe, re entse hampe, re sebile;


Empa moporofeta wa Jehova o ne a le teng, ya bitswang Odede; a tswela ho ya kgahlanyetsa sera se neng se kgutlela Samaria, mme a re: Bonang, Jehova, Modimo wa bontata lona, ka baka la ho halefela Bajuda, o tswa ba neela matsohong a lona; mme le ba bolaile ka bohale bo ileng ba ya fihla le mahodimong.


Haele moo re se re kile ra hlahelwa ke tse ngata ka baka la ketso tsa rona tse mpe, le ka baka la melato e meholo ya rona, kanthe wena, Modimo wa rona, o kile wa re hauhela, o sa ka wa re otla ka kotlo e lekanang le makgopo a rona, o bile o re boloketse masala a makalo,


Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o lokile; rona re setse re le masala a phonyohileng jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Ke rona mona, re eme pela hao re le molato; athe ha ho ya ka emang pela hao a le jwalo!


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


Bona ke motho feela, nka reng ho wena na? Ke bea letsoho la ka molomong.


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Hobane makgopo a ka a phahamile ho feta hlooho ya ka, a nkimela ka boima ba wona jwaloka phahlo e thata.


Maqeba a ka a nkga, a tswa boladu, ka ketso ya bohlanya ba ka.


Moshe a boela ho Jehova, a re: Oho, tjhaba sena se sitilwe ka tshito e kgolo, ha se iketseditse modimo wa kgauta.


mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;


Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.


Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.


Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba ntse ba etsa manyala. Jo! ha ba tsebe ho hlabiswa dihlong, ha ba utlwe bohloko ba dihlong; ka baka leo, ba tla wa le ba wang; mohla ke ba kgalemelang, ba tla dihuwa, ho bolela Jehova.


Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.


Re sitilwe, ra ba ra ikgantsha, mme wena, ha o a ka wa rekolohela.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Empa etlare ha ba ipolela makgopo a bona, le makgopo a bontata bona, le ditlolo tseo ba nketseditseng tsona,


Empa mora a re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena, mme ha ke sa tshwanela ho bitswa mora wa hao.


Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


Hobane dibe tsa hae di se di kolohane ho ya fihla lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos