Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha phuthehela ho nna bohle ba thothometswang ke mantswe a Modimo wa Iseraele, ka baka la boikgantsho jwa ba kgutlileng kgolehong; mme ka dula fatshe ke tshohile, ya ba ya eba nako ya sehlabelo sa mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Bohle ba tshabang dipolelo tsa Modimo wa Iseraele ba mpokanela, ka baka la botjholotjholo ba bao e neng e le bathopuwa. Ka dula jwalo ke le semumu, ho fihlela ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 9:4
13 Referencias Cruzadas  

Erekaha pelo ya hao e nolofetse, wa ikokobetsa pela Modimo, mohla o utlwang dipolelo tsa wona bakeng sa motse wona le bakeng sa ba ahileng ho wona, wa ikokobetsa pela ka, wa hahola diaparo tsa hao, wa ba wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


Yaba batho bohle ba Juda le ba Benjamine ba phuthehela Jerusalema ka tshiu tse tharo, e le ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ka letsatsi la mashome a mabedi la kgwedi; setjhaba sohle sa tla, sa dula lepatlelong le pela ntlo ya Modimo, se ntse se thothomela ka baka la taba e leng teng le ka baka la dipula.


Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya;


Konyana ya bobedi o tla e hlaba mantsiboya; o e hlahise e na le nyehelo le tshelo, jwaloka ya hosasa, e tle e be monko o monate le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Mamelang lentswe la Jehova, lona ba thothometswang ke lentswe la hae. Banababo lona ba le hloileng, ba le lelekisang ka baka la lebitso la ka, ba re: Jehova a ke a hlahise kganya ya hae, re tle re bone thabo ya lona! Empa ba tla swaba.


mme Jehova a re ho yena: Pholletsa ka motse, ka Jerusalema, o tshwaye diphatla tsa batho ba fehelwang, ba bobolang ka baka la manyala wohle a etswang hara wona.


Mohlang oo, nna Daniele, ka ba dillong ka veke tse tharo,


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


Ka yona nako eo, ha fihla monna e mong wa bana ba Iseraele, ya tlisang mosadi wa Midiane ho banababo, pontsheng ya Moshe le pontsheng ya phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano.


Petrose le Johanne ba ne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ya thapelo, e leng ya boroba mono o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos