Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 8:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba ke romela ho bitsa Eliesere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Sakaria, le Meshullame, e leng dihlooho, le Jojaribe le Elnathane, banna ba kelello;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 8:16
16 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re ho yena: Erekaha o kopile taba eo, o sa ka wa ikopela matsatsi a mangata, leha e le lefumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o mpa o ikopetse kelello ya ho tseba ho ahlola,


Ho bana ba Issaskare, ba neng ba ithutile ho kgetha dinako ho tseba seo Baiseraele ba tshwanetseng ho se etsa, ha tla mahosana a bona a makgolo a mabedi, hammoho le banababo wona kaofela ba leng taolong ya wona.


Lotho ya ntsha Shelemia ho ya monyakong o ka nqa botjhabela; mora hae, Sakaria, monna wa lekgotla, ya hlalefileng, a laolelwa ka lotho ka nqa leboya.


Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.


Ho bara ba Harime, ke Maaseia, Elia, Shemaia, Jehiele, le Osiase.


Shelemia, Nathane, Adaia,


ho bara ba Adonikame, e leng ba ho qetella, ke ana mabitso a bona: Elifelethe, Jeiele, le Shemaia, ba ena le ba batona ba mashome a tsheletseng;


Ka ba phutha nokeng e mathelang Ahava, mme ra emisa teng tshiu tse tharo; eitse ha ke hlahloba setjhaba le baprista, ke se ke ka fihlela le a mong wa bara ba Levi.


ka ba laetsa bakeng sa Iddo, kgosana ya nahanyana ya Kasifia, ka ba nea ditaba tseo ba tla di bolella Iddo, le ngwanabo, le Banethinime ba ahileng nahanyaneng ya Kasifia, ka re, ba re tlisetse ba tlang ho tshwara tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona.


Kamoo letsoho le molemo la Modimo wa rona le neng le ntse le le ho rona kateng, ba re tlisetsa monna ya kelello wa bara ba Mahadi, mora Levi, mora Iseraele, e leng Sherebia le bara ba hae le banababo, ba entse leshome le metso e robileng meno e le mmedi;


hobane Jehova ke yena ya fanang ka bohlale; tsebo le kutlwisiso di tswa molomong wa hae.


Morero pelong ya motho e ka koetsa, ya nang le kelello o ya kga teng.


Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba.


Ke wona o hlahisang phetoho ya mehla le dinako, o tlosang marena, o phahamisang marena, o neang babohlale bohlale, o neang kelello ho batho ba ratang ho utlwisisa.


Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle.


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos