Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tsena dihlooho tsa matlo a bontata bona, hape ke ana mangolo a masika a ba nyolohileng Babilona le nna, mehleng ya puso ya morena Artakserksese:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana ke tsona dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, e leng lenane la meloko ya ba ileng ba kgutla Babilona, ba ena le nna, Esera, mehleng ya puso ya kgosi Aretaseresese.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 8:1
16 Referencias Cruzadas  

Ke bona bara ba Levi, ha ho uwa ka matlo a bontata bona.


Jeria, hlooho, le banababo e neng e le banna ba bahale, ba ne ba etsa kete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a dihlooho tsa matlo a bontata bona. Morena Davida a ba bea bahlahlobi ba Barubene, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Modimo le mesebetsi ya morena.


hape ke metsana ya bona kaofela e neng e kopile metse eo, ho ya fihla Baale. Madulo a bona ke ao le lesika la bona ke leo.


Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.


Bao e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi melokong ya bona, e ne e le dihlooho; bona ba ne ba ahile Jerusalema.


Palo kaofela ya dihlooho tsa matlo a bontata Bajuda, banna ba bahale, e ne e le dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng.


Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.


ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


Bana ba Pereoshe ba kete tse pedi tse nang le lekgolo le le leng le mashome a supileng a metso e mmedi;


Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.


Ke laela hore bohle ba mmusong wa ka, bao e leng ba setjhaba sa Iseraele, le baprista ba bona le Balevi, ba ratang ho kgutlela Jerusalema ka thato ya bona le wena, Esdrase, ke re ba ka tsamaya.


ya mphumanisitseng mohau ho morena, le ho banna ba hae ba lekgotla, le ho mahosana wohle a matla a morena! Haele nna, ka nna ka ipha matla, kamoo letsoho la Jehova, Modimo wa ka, le neng le ntse le le ho nna kateng; ka ba ka phutha baholo ba Iseraele, hore ba nyolohe hammoho le nna.


E ne e le mongodi ya masene molaong wa Moshe oo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a o neile. Morena a mo nea tsohle tseo a di kopileng, kahobane letsoho la Jehova, Modimo wa hae, le ne le le ho yena.


Ba bang ba bana ba Iseraele, baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le ba Banethinime, ba nyolohela Jerusalema le yena, e le ka selemo sa bosupa sa ho busa ha Artakserksese.


Ho bara ba Finease, ke Gershome; ho bara ba Ithamare, ke Daniele; ho bara ba Davida, ke Hatthushe;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos