Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 e be le mela e meraro ya majwe a maholohadi a betlilweng, o mong e be wa difate tse ntjha; tjhelete tsa ho lefa di tla tswa tlung ya morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Mabota a be le mela e meraro ya majwe, le mola wa mapolanka a entsweng ka difate tse ntjha. Ditshenyehelo tsa teng di ntshwe letloleng la kgosi.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 6:4
10 Referencias Cruzadas  

A thea lebala le kahare ka majwe a betlilweng a kolohantsweng ka boraro, le ka lethathamo la difate tsa kedare.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Morena a ke a tsebe hoba re ne re ile setrekeng sa Juda, tlung ya Modimo o moholo; e hahuwa ka majwe a maholohadi a betlilweng; difate di bewa hodima marako, mme mosebetsi o etswa ka phakiso, hape o atleha matsohong a bona.


Hape, ke laela e le nna bakeng sa kamoo le tshwanetseng ho etsetsa baholo bao ba Bajuda kateng, hore ntlo eo ya Modimo e fele e tle e hahuwe; ke re, tjhelete tsa morena tsa lekgetho le tswang mose wane ho noka di hle di newe banna bao, ba tle ba se ke ba thibelwa ke letho.


o le tempeleng ya hao, o okametse Jerusalema; marena a tla o tlisetsa dinyehelo tsa wona.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Empa lefatshe la hla la thusa mosadi; lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, mme la metsa noka eo drakone e neng e e phutsaladitse ka molomo wa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos