Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Kahobane bo-ntata rona ba ne ba halefise Modimo wa mahodimo, o ile a neelana ka bona matsohong a Nebukadenesare wa Mokalatiya, kgosi ya Babilona, ya ileng a senya Tempele ena, mme a thopa setjhaba, a se isa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 5:12
28 Referencias Cruzadas  

Le Jehova a romela ho mo lwantsha dihlopha tsa Bakalde, le dihlopha tsa Siria, le dihlopha tsa Moabe, le dihlopha tsa bana ba Ammone, di tle di timetse Juda, ka polelo eo Jehova a neng a e boletse ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.


A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela setjhaba sa hae, mme lefa la hae ya eba ntho e manyala ho yena;


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Na nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphethetsa ho setjhaba se jwaloka sena?


Ke lena lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le laela Seraia, mora Neria, mora Mahaseia, ha a eya Babilona le Tsedekia, morena wa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya hae; Seraia e ne e le molebedi wa dikamore.


Ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome la kgwedi, e leng ka selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa Nebukadresare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ya neng a sebeletsa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.


re sitilwe, re entse bokgopo, re entse ka bolotsana le ka boikgantsho, re kgelohile ditaelo le dikahlolo tsa hao.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.


Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a ba neela matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos