Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo, ba porofetela Bajuda ba leng Juda le Jerusalema ka lebitso la Modimo wa Iseraele o neng o bua le bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Baporofeta, e leng Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba porofetela Bajuda ba neng ba ahile naheng ya Juda le Jerusalema; ba ba porofetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya ba okametseng.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 5:1
9 Referencias Cruzadas  

Yaba mosebetsi wa ntlo ya Modimo o Jerusalema o a ema; wa ema ho isa lemong sa bobedi sa ho busa ha Dariuse, morena wa Persia.


Yaba baholo ba Bajuda ba haha ba iketlile, kamoo ho neng ho porofetilwe kateng ke moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo. Ba haha, ba phetha jwalokaha ho ne ho laetse Modimo wa Iseraele, le jwalokaha ho no ho laetse Siruse, le Dariuse, le Artakserksese, morena wa Persia.


Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai, la re:


Lemohang he pelong tsa lona; ho tloha tsatsing lena, ho kgutlela morao, ho tloha tsatsing la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya boroba mono o le mong, ho isa tsatsing lela leo ntlo ya Jehova e neng e thewe ka lona, batlisisang ditaba pelong tsa lona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Matsoho a lona a ke a tiye, lona ba utlwang mantswe ana a tswang melomong ya baporofeta tshiung tsena, e leng tseo ho theilweng ka tsona ntlo ya Jehova wa makgotla, e leng tempele, hore e hahuwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos