Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 4:6
13 Referencias Cruzadas  

Ba tjheka sediba se seng, empa le sona sa tsekwa; yaba o se rea lebitso la Sitna (molwantshi).


le ho putsa baeletsi hore ba senye morero wa bona; ha eba jwalo ditshiung tsohle tsa ho phela ha Siruse, morena wa Persia, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse, morena wa Persia.


Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —


Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,


Esthere a iswa jwalo ho morena Assueruse, tlung ya hae ya borena, kgweding ya leshome, e leng kgwedi ya Tebethe, selemong sa bosupa sa ho busa ha hae.


Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.


Jwale, ke ya o senolela nnete. Bona, marena a mararo a sa tla ba teng ho Bapersia, mme wa bone o tla rua leruo le fetisang la a mang kaofela; etlare hobane a iphe matla ka maruo a hae, o tla ipiletsa bongata bohle ho futuhela mmuso wa Bagerike.


Ka selemo sa pele sa ho busa ha Dariuse, mora wa Assueruse, wa lesika la Bamede, ya neng a beilwe morena wa mmuso wa Bakalde,


Ka hodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: Enwa ke Jesu, morena wa Bajuda.


Hape ba ka sitwa le ho tiisa ditaba tseo ba nqosang ka tsona jwale.


Ha a fihlile, Bajuda ba theohileng Jerusalema ba mo teela hare, ba ntse ba etselletsa Pauluse ka melato e mengata, e meholo, eo ba sitwang ho tiisa nnete ya yona.


Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos