Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Esdrase o ema, a hlaphantsha dihlooho tsa baprista le tsa Balevi le tsa Baiseraele bohle, hore ba tle ba etse ka polelo eo; mme ba hlapanya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 10:5
10 Referencias Cruzadas  

A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Yaba ba re: Re tla ba buseletsa tsona, mme re ke ke ra ba batla letho; re tla etsa jwalokaha o bolela. Yaba ke bitsa baprista, ka ba hlapantsha hore ba tle ba etse ka polelo eo.


Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene,


Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!


Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.


Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.


Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos