Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:29
19 Referencias Cruzadas  

Ebile Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae mahodimong,


leha e ka ba mang le mang hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la pelo ya hae, mme a otlollela nqa tlung ena matsoho a hae,


Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,


Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,


seo a se ratang kaofela Jehova o se etsa mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng kaofela.


Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)


Hola ke a lapa, ke be nke ke ka o bolella; hobane lefatshe ke la ka, le tse ho lona kaofela.


Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.


Hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o ne a etse mahodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena, Jehova o hlohonolofaditse letsatsi la phomolo, mme o le beile le kgethehileng.


Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.


Yaba Aarone o otlollela letsoho la hae metsing a Egepeta; dihohwana tsa hlaha, tsa aparela naha ya Egepeta.


Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Bona, mahodimo le mahodimo a mahodimo ke a Jehova, Modimo wa hao, le lona lefatshe le dintho tsohle tse ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos