Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Sefako sa eba teng, le mollo o tswakaneng le sefako, se tshabehang haholo, seo ho neng ho eso ho be se jwalo naheng yohle ya Egepeta, haesale e eba setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:24
11 Referencias Cruzadas  

seo ke se boloketseng letsatsi la tshenyo, le letsatsi la ho futuha le la ntwa na?


A etsa dipula tsa bona sefako, a romela le malakabe a mollo naheng ya bona.


Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.


Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.


bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno.


Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.


Sefako sa otla, naheng yohle ya Egepeta, tsohle tse neng di le naheng, ho tloha ho batho ho isa diphoofolong; sa otla dimela tsohle tsa lefatshe, sa robaka difate tsohle tsa naha.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.


Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos